Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 39:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 O kgalemela motho ka ho mo otla, ka ho mo otlela melato ya hae, o fedisa seo a se ratang jwalokaha eka se jewa ke tshwele. Ruri motho ke lefeela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 39:12
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abrahama a hlola matsatsi a mangata naheng ya Bafilesta.


Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.


Ekaba Jehova o tla tadima tshwenyeho ya ka, hore Jehova a busetse botle ho nna bakeng sa hlapa tsa kajeno tsa motho eo.


Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.


Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.


athe ke pherehlana jwaloka ntho e jelweng ke diboko, jwaloka kobo e jewang ke tshwele?


Leha metswalle ya ka e fetohile basomi, mahlo a ka a lebile ho Modimo ka meokgo;


Jehova, mamela thapelo ya ka, modumaelo wa ka o ke o fihle pela hao!


Ditlamo tsa lefu di na be di nthatetse, ke na be ke tshwerwe ke matswalo a nqalo ya bafu, ka fumana matswalo le hlokofalo.


Ke osele lefatsheng, o se ke wa mpatela ditaelo tsa hao.


Dikomelo tsa hao di hlahisa dipina tsa ka ka tlung ya boeti ba ka.


O bala dipaleho tsa ka; o bokelle meokgo ya ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngodilwe bukeng ya hao na?


Hobane matsatsi a rona a ikela pela bohale ba hao, re fellwa ke dilemo tsa rona jwalokaha re fellwa ke kgopolo.


Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.


Tshepo ya rona e tiya kamehla ke hona, mme re a tseba hoba, ha re ntse re ahile mmeleng, ha re hae ho Modimo.


Bao bohle ba shwele ka tumelo, ba eso ho newe tseo ba di baletsweng, ba mpa ba di bonetse hole, ba di dumetse, ba di dumedisitse, mme ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatsheng.


Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,


Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;


Baratuwa, ke a le kgothatsa jwalokaha le le basele le baeti, ke re: Tshabang ditakatso tsa nama, tse lwantshang moya;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ