22 Phakisa ho tla nthusa, wena Morena, Mmoloki wa ka!
22 Morena, o se ke wa ntahla; Modimo wa ka, se be hole le nna.
Jehova, ke bitsa ho wena, o phakise ho tla nthusa! o sekehele lentswe la ka tsebe, ha ke bitsa ho wena!
Ke dikilwe ke dipoho tse ngata, dipoho tse bohale tsa Bashane di nkopetse.
Jehova ke lesedi la ka le poloko ya ka; nka tshoha mang? Jehova ke qhobosheane ya bophelo ba ka; nka thothomela pela mang?
Oho Jehova, o ke o mpoloke; Jehova, phakisa ho tla nthusa.
Haele nna, ke mofumanehi le mosenyehi; empa Morena o a nkgopola! O thuso ya ka le mopholosi wa ka; Modimo wa ka, o se ke wa dieha.
Ruri, ke wona lefika la ka le thuso ya ka, qhobosheane ya ka e phahameng; nke ke ka sisinyeha.
Ke lefika la ka ruri le thuso ya ka; ke qhobosheane ya ka: nke ke ka sisinyeha.
Oho Modimo, o ke o mpoloke; Jehova, phakisa ho tla nthusa!
Haele nna, ke mofumanehi le mosenyehi; Modimo, o mphakisetse! O thuso ya ka le mopholosi wa ka! Jehova, o se ke wa dieha!
Oho Modimo, o se be hole le nna! Modimo wa ka, o phakise ho tla nthusa!
Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.