21 O se ke wa ntlohela, Jehova, Modimo wa ka! O se ke wa emela hole le nna!
21 e leng ba mpuseletsang botle ka bobe, ba nqosang hobane ke latela botle.
Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O emelang thoko, o tle o se ke wa mpoloka, o se ke wa nkutlwa ha ke howeletsa?
O se ke wa ba hole le nna, hobane matswalo a haufi, mme ha ke na ya nthusang.
Empa, wena, Jehova, o se ke wa suthela hole le nna! Wena, o leng matla a ka, o phakise ho nthusa!
Hobane ha a ka a nyedisa, ha a ka a kgesa bohlomohi ba ya hlomohileng, ha a ka a mo patela sefahleho sa hae; empa a nna a mamela mehoo eo a neng a e phahamisetsa ho yena.
Ke lefelwa botle ka bobe; ke lahlilwe.