na le ne le tla hle le ba lebelle, ba be ba hole na? Na le ne le tla hana banna ka baka la bona na? Tjhe, baradi ba ka, ke mpa ke swabile haholo bakeng sa lona, kahobane letsoho la Jehova le nkokobeditse.
Ka baka lena, ba romela ho phutha marena wohle a Bafilesta, ba re: Kgutlisang areka ya Modimo wa Iseraele, e ke e boele ha habo yona, e tle e se ke ya re bolaya le setjhaba sa heso. Hobane letsoso le leholo le ne le wetse motse wohle, le letsoho la Jehova le ne le le boima haholo teng.
Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela.