17 Hobane ke ntse ke batla ho wa, bohloko ba ka bo ntse bo le mona pela ka;
17 ha ke re: “Ba se ke ba ithabisa ka nna, ba ithorisa ha leoto la ka le thella.”
Athe ke tshepile mohau wa hao. Twelo ya hao a e ke e thabise pelo ya ka.
Mme jwale, ha ke ewa, ba ye ba thabe; ba bokana hammoho, ba mpokanela ho nkotla, ke sa tsebe molato; ba ngahola ka maleme, ha ba kgutse.
O se ke wa lesa ba ikentseng dira ho nna ka bolotsana hore ba thabe ka nna, ba se ke ba nyekotsa ka mahlo ka ho ntlhoya feela!
Ke kobame, ke manahane hampe; ke ntse ke tsamaya ka bofifi tsatsi lohle;
Ke fela ke masisapelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa diphate tsa ka ka meokgo, ke thoposetsa ditao tsa ka ka yona.