15 Hobane ke itshepetse wena, Jehova! O tla nkarabela, Morena, Modimo wa ka!
15 Nna ke jwaloka motho ya sa utlweng ditsebeng, eo molomong wa hae ho seng dikgang.
Eitse ha ke bitsa, wa nkaraba, wa nnatlafatsa, matla a kena moyeng wa ka.
Oho Modimo, ke bitsa ho wena, hobane o a nkutlwa; sekehela tsebe ho nna, o mamele polelo ya ka.
Mme jwale, Morena, seo nka se lebellang keng? Tshepo ya ka e ho wena.
A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.