14 Ke jwaloka motho ya sa utlweng, ya se nang phetolo molomong wa hae.
14 Empa nna ke jwaloka tsebetutu, ha ke utlwe; ke jwaloka semumu, ha ke bue.
A etswa hampe, a ntse a mamelletse, a se ke a ahlamisa molomo wa hae, jwaloka konyana e iswang hlabong, le jwaloka nku e semumu pela bakuti ba yona; ha a ka a ahlamisa molomo wa hae.
Ka baka leo, mehleng ena ya bohlale o a ikgutsetsa, hobane ke mehla e mebe.
Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;
Ba bua jwalo ho mo leka, le ho bona seo ba ka mo qosang ka sona. Empa Jesu o ne a ngola fatshe ka monwana a inamile.