Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 37:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O tla bonahatsa tokelo ya hao jwaloka lesedi, le ho loka ha hao jwaloka ho ela ha motshehare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 O tla etsa hore ho loka ha hao ho kganye, ho kganye jwaloka lesedi, le ditokelo tsa hao di kganye jwaloka letsatsi, motsheare o moholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 37:6
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bophelo ba hao bo tla ela ka lesedi le fetang la motshehare; leha ho ka ba lefifi, mafube a tla boela a hlahe;


o ba sirela moriting wa sefahleho sa hao hole le merero ya batho; o ba boloka tenteng ya hao hole le ditshebo tsa leleme.


Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.


ha o hauhela ya lapileng, o kgorisa moya o fumanehileng, ke moo lesedi la hao le tla tjhabela lefifing, mme lefifi la hao le phatsime jwaloka letsatsi la motshehare.


Ke moo lesedi la hao le tla tjhaba jwaloka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla o etella pele, kganya ya Jehova e o sale morao.


Jehova o bonahaditse ho loka ha rona; tloong, re boleleng hara Sione mesebetsi ya Jehova, Modimo wa rona.


Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!


Mohlang oo, ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ya nang le ditsebe ho utlwa, a utlwe.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ