Efela ke etse tsena tsohle hloko, mme ka di bea tsohle leseding, tsa hore ba lokileng le ba bohlale ba letsohong la Modimo hammoho le mesebetsi ya bona; batho ba ke ke ba tseba hoba ba ratwa, kapa ba hloilwe; tsohle di ka etsahala.
Ke moo ke reng ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se nwa; leha e le ka sa mmele ya lona, ka seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fetise dijo na? Na mmele ha o fetise seaparo na?
Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.