Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 37:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Jehova o a ba thusa, o a ba boloka; o ba namolela ho ba babe, o a ba pholosa, kahobane ba beile tshepo ya bona ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 Morena o a ba thusa, o a ba lopolla; o tla nne a ba lopolle ho ba kgopo, a ba pholose, hobane ba tshabetse ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 37:40
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ya ba tlatsitswe, mme Bahagarene ba neelwa matsohong a bona, le bohle bao ba neng ba na le bona; hobane bao ba ne ba howeleditse ho Modimo ba le ntweng, mme wa ba utlwa, ke hobane ba ne ba beile tshepo ya bona ho wona.


Tsoha, Jehova, o ba futuhele, o ba dihe! O mpoloke ka lerumo la hao ho bakgopo;


Ba bolotsana, bao e leng dira ho nna, le bahanyetsi ba ka, ha ba tswela ho nna ho ja nama ya ka, ba kgoptjwa, ba wa.


o boloka masapo a hae kaofela, ha ho le leng le robehang.


Se re: Ke tla busetsa bobe ka bobe. Tshepa Jehova, ke yena ya tla o boloka.


Empa jwaloka dinonyana ha di otlolla mapheo a tsona, Jehova wa makgotla o tla sireletsa Jerusalema ka mapheo a hae; a apese, a namolele, a qenehele, a pholose.


E sa le nna enwa ho isa boqhekung ba lona, mme ke tla nne ke le pepe ho isa le botsofading bo bosweu; ke entse jwalo, mme ke sa tla le pepa, ke le tiise, ke le boloke.


Bona, Modimo wa rona, oo re o sebeletsang, o na le matla a ho re lokolla seboping sa mollo o bohale, mme o fela o tla re lokolla letsohong la hao, morena.


Nebukadnesare a bua, a re: Ho roriswe Modimo wa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, o romileng lengeloi la wona wa boloka bahlanka ba wona ba o tshepileng, ba tlotseng taelo ya morena, ba tedileng mmele ya bona, hore ba tle ba se ke ba sebeletsa, ba rapela modimo o mong haese Modimo wa bona!


Yaba morena o thaba ka ho fetisisa, mme o laela hore Daniele a nyollwe lemeneng. Daniele a nyollwa lemeneng, mme ha ho a ka ha fumanwa le leqebanyana ho yena, hobane a ne a itshepetse Modimo wa hae.


Re a tseba hoba e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ