Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 37:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 O itshepise ka Jehova, o tiye ditseleng tsa hae, mme o tla o hodisa, o tle o je lefa la lefatshe; o tla bona le tshenyeho ya ba babe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 Tshepa Morena, o tiye tseleng ya hae; o tla o phahamisa, lefatshe e tle e be lefa la hao, mme o bone ba kgopo ha ba fediswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 37:34
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ya lokileng o tiisetsa tseleng ya hae, ya nang le matsoho a masweu o eketsa ho ipha matla.


Pelo ya hae e tiile hantle, ha a tshohe letho, a mahlo a hae.


O abela, o fa bahloki; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng; lenaka la hae le ema ka kganya.


Moya wa hae o tla iketla lehlohonolong, ditloholo tsa hae di tla rua lefatshe.


O itshepele Jehova, o be matla, pelo ya hao e tiye! O itshepele Jehova.


O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.


O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.


Hobane ba bolotsana ba tla fediswa, athe ba itshepetseng Jehova ba tla rua lefatshe.


Feela, o tla iponela ka mahlo a hao, o be o bone moputso wa ba bolotsana.


Ba lokileng ba mela jwaloka sefate sa palema, ba hola jwaloka kedare ya Lebanone.


Mmila wa ba lokileng ke ho nena bobe, ya elang metsamao ya hae hloko o boloka moya wa hae.


Se re: Ke tla busetsa bobe ka bobe. Tshepa Jehova, ke yena ya tla o boloka.


Mohla ba babe ba tletseng, bokgopo bo a ata; empa ba lokileng ba tla ba bona ha ba ewa.


Etlare ha o howa, na dihlopha tsa medimo ya hao di tla o namolela na? Athe moya o tla e nkela koo kaofela ha yona, e tloswe hang. Empa ya itshepetseng nna o tla ja lefa la lefatshe, a rue thaba ya ka e halalelang.


Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.


Le tsamaye ka mokgwa o phethehileng tseleng eo Jehova, Modimo wa lona, a le laetseng yona, le tle le phele, le be le lehlohonolo, mme le atise matsatsi a lona lefatsheng leo le yang ho le rua.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ