Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 37:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jehova o tseba matsatsi a ba lokileng, ba tiiseditswe lefa la bona ka ho sa feleng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Morena o tseba ditshiu tsa ba hlokang kodi, lefa la bona e tla ba le sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 37:18
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.


Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona,


O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.


A nna a o kopa bophelo, mme wa mo fa jona, e le bophelo bo bolelele, bo tiileng, bo sa feleng.


Matsatsi a ka a letsohong la hao, o nkgule letsohong la bao e leng dira ho nna, le ho ba mphallelang!


Ke tla ithabisa, ke ithabisetse mohaung wa hao; ka baka la hobane o lemohile bomadimabe ba ka, o qamakisitse matswalo a moya wa ka,


Morena o tsheha ka yena, hobane o bona hoba letsatsi la hae le a tla.


Nka tshaba eng ka letsatsi le lebe, ha ke teetswe hare ke bolotsana jwa ba ntjhehelang,


O tla ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o ntholle kganyeng ya hao.


hobane ba lokileng ba tla aha lefatsheng; ba hlwekileng ba tla le rua.


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Hobane ntho tseo tsohle ke tse batlwang ke bahetene; empa Ntata lona ya mahodimong o tseba hoba le hloka dintho tseo tsohle.


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Mekwallo ya hao ke ya tshepe le ya koporo, mme matla a hao a tla lekana le matsatsi a hao.


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong.


Mme pallo eo a re baletseng yona, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ