Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 36:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Modimo, mohau wa hao o rateha hakakang! Bana ba batho ba balehela moriting wa dipheo tsa hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 ho loka ha hao ho jwaloka thaba tse telele, dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba, bodiba bo tebileng: Morena, o pholosa motho le yona phoofolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 36:7
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Re ke ke ra finyella ho Ya matla wohle; o phahamile ka matla le ka toka, le ka ho loka ho sa kgelosweng.


Modimo, mehopolo ya hao e ntshita hakakang! Palo ya yona e kgolo hakakang!


Le leholo hakakang lereko leo o le boloketseng ba o tshabang, leo o le hlahisetsang ba itshepetseng wena pontsheng ya bana ba batho;


Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.


Hobane o thuso ya ka, mme ke hlasimoloha moriting wa mapheo a hao.


Ho loka ha hao, Modimo, ho phahamile ho fihla lehodimong. O entse ntho tse kgolo, Modimo; ya ka ka wena ke mang?


Empa wena, Morena, o Modimo o lereko, o molemo, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete.


Hobane wena, Morena, o molemo, o mosa, o tletse lereko hobohle ba o rapelang.


O o kgurumetsa ka masiba a hae, o bona tshireletso katlasa mapheo a hae; nnete ya hae ke thebe le thejana.


Jehova a feta pela hae, a re: Ke nna Jehova, Jehova, Modimo o mohau, o lereko, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete,


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao hammoho, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne!


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


mme ha ka tseo a re sitsitse jwalo ka dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore ka tsona le be le kabelo ho seo Modimo o leng sona, ka ho hloboha ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso;


Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.


Jehova a putse mosebetsi wa hao, mme moputso o phethehileng wa hao o tswe ho Jehova, Modimo wa Iseraele, eo o tlileng ho tshabela katlasa dipheo tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ