Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 35:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 A ba ke ba hlabiswe ke dihlong, ba tsielehe bona bohle ba thabelang tsietsi ya ka! Baikakasi ba ntwantshang a ba apeswe ke dihlong le nyediso!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Bao ba thabelang bobe ho nna ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane mmoho; bao ba iphahamisetsang nna ba ke ba aparelwe ke dihlong, ba tlontlolohe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 35:26
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha le fela le ikgodisa ka nna, mme le dihela ho nna molato wa dihlong tseo ke dutseng ho tsona,


Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, mme tente ya ba babe e tla lesa ho ba teng.


E ke e be ho yena jwaloka kobo eo a ikgatumetsang ka yona, le jwaloka senyepa seo a itlamang ka sona kamehla!


A ba ke ba hlabiswe dihlong, ba suthe kasanthao, bohle ba hloileng Sione.


Ke tla apesa dira tsa hae ka dihlong, moqhaka wa hae o tla kganya hloohong ya hae.


Tshwabo le dihlong di ke di apese ba batlang moya wa ka, ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona ba rerileng tshenyeho ya ka.


Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.


Bonang, hola ke sera se nnyedisang, nka be ke mamella; hola ya ntlhoyang ke yena ya ntsohelang matla, nka be ke ipatela yena;


A di ke di swabiswe, di fele, dira tsa moya wa ka tse batlang tahleho ya ka, di ke di apeswe ke dihlong le nyediso!


Bona, ba tla swaba, ba hlabiswe dihlong, bao e leng dira ho wena; ba o lwantshang ba tla ba jwaloka eka ba siyo, ba fele.


Empa Jehova o ho nna jwaloka senatla se tshabehang; ka baka leo, ba ntlhorisang ba tla kgoptjwa, ba ke se ke ba hlola letho; ba tla hlabiswa dihlong ka ho fetisa, ke hobane ba fositse, e tle e be dihlong tse sa feleng, tse se nang ho lebalwa.


Mo tahiseng, hobane o ikgantsheditse Jehova; Moabe a ke a phethohe mahlatseng a hae, le yena a tle a etswe sesomo.


Mme morena eo o tla etsa kamoo a ratang kateng; o tla ikgodisa, a phahamele hodima medimo yohle, mme o tla seba Modimo wa medimo ka dinyefolo tse makatsang, a atlehe ho fihlela tefetso e phetheha; hobane se laotsweng e ka kgona se etsahale.


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ