A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaiswe ka boima. Yaba Baegepeta ba re: A re baleheleng Baiseraele, hobane Jehova o a ba lwanela, o lwantsha Baegepeta.
E, ho bolela Jehova, makgotla a holehilweng ke monna ya matla o tla amohuwa wona, kgapo ya mohale e tla pshemoha, hobane nna ke tla lwantsha ba o lwantshang, ke lokolle bara ba hao.
Ke tla jara kgalefo ya Jehova, hobane ke mo sitetswe, a tle a be a emele nyewe ya ka, a nkahlolele: o tla nntshetsa leseding, mme ke tla boha ho loka ha hae.
Jwale, ha etswa lerata le leholo. Bangodi ba emelang bafarisi ba ema, ba araba, ba re: Ha re fihlele bobe leha bo le bong ho motho eo; ha ekaba moya o fela o buile le yena, kapa lengeloi, a re se keng ra lwantsha Modimo.