Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 34:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ya tadimang ho yena o a ediswa, dihlong ha di sa tla ba sefahlehong sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ke ile ka batla Morena, mme a nkaraba, a ntopolla matswalong wohle a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 34:5
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Joabe o ya ho morena tlung, a re: Kajeno o hlabisitse difahleho tsa bahlanka ba hao bohle dihlong, athe ba pholositse ho phela ha hao kajeno, le ho phela ha bara ba hao, le ho phela ha baradi ba hao, le ho phela ha basadi ba hao, le ho phela ha direthe tsa hao.


Bajuda ba dula leseding le thabong, nyakallong le hlonephong.


Jehova, Modimo wa ka, tadima, o nkutlwe! O edise mahlo a ka, hore ke tle ke se ke ka robala boroko ba lefu;


Eitse ha ke bitsa, wa nkaraba, wa nnatlafatsa, matla a kena moyeng wa ka.


Le jwale o kgantsha lebone la ka; Jehova, Modimo wa ka, o edisa lefifi la ka.


E mong le e mong ya itshepetseng wena, a ke ke a swaba; tshwabo ke ya ba iketsetsang bolotsana ka boomo.


Ke a sekama, ke robale boroko, mme ke boele ke phaphame, hobane Jehova o a ntiisa.


Hobane sediba sa bophelo se ho wena; re bona lesedi leseding la hao.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.


Apesa difahleho tsa bona ka dihlong, ba tle ba batle lebitso la hao, Jehova.


Lesedi le jaletswe ya lokileng, thabo e neilwe ba pelo e lokileng.


Sokolohelang ho nna, mme le bolokehe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe. Hobane ke nna Modimo, o mong ha o yo.


Ka ho bona hoo, o tla thaba, pelo ya hao e tla makala, e ahlame ke thabo; menono ya lewatle e lebile ho wena, le maruo a ditjhaba a ya tla ho wena.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


Jwale, Davida a tloha, a ena le banna ba hae, e batla e eba batho ba makgolo a tsheletseng, ba tswa Keila, ba ya moo ba yang. Saule a tsebiswa hobane Davida o balehile Keila; a lesa ke hona ho ya pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ