Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 34:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Kopanang le nna ho tlotlisa Jehova; bohle, re hodiseng lebitso la hae hammoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ke ithorisa ka Morena, ba eisehang ba ke ba utlwe, mme ba thabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 34:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe.


Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.


Morena Esekiase le mahosana ba re, Balevi ba boke Jehova ka mantswe a Davida le a Asafe, seboni; mme ba mmoka ka thabo, ba inama le ho kgumama.


Ke moo ba ratang taba e lokileng ya ka ba tla bina ba nyakaletse; ba tla re ka matsatsitsatsi: Jehova o moholo, ya ratang molemo wa mohlanka wa hae!


Bohle ba o batlang a ba ke ba thabe, ba nyakallele ho wena; ba lakatsang poloko ya hao ba ke ba re kamehla: Jehova a ke a hodiswe!


Rorisang Modimo wa rona, lona ditjhaba; utlwahatsang modumo wa dithoko tsa wona!


Ke tla rorisa lebitso la Modimo ka dithoko, ke le tumise ka dipoko;


Hobane Jehova o mamela ba lesitsi, mme ha a nyedise ba hae ba holehilweng.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Empa ya ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke nna Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatsheng, hobane ke kgahliswa ke tseo, ho bolela Jehova.


Yaba Maria o re: Moya wa ka o rorisa Morena;


Taba eo ya tsejwa ke Bajuda kaofela le Bagerike ba ahileng Efese; ba welwa bohle ke tshabo, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.


ka tebello e tiyang ya ka, le ka tshepo eo ke nang le yona, ya hoba nke ke ka swabiswa tabeng leha e le nngwe; ke mpa ke tsebisisa hore, esita le jwale le mehleng yohle, Kreste o tla tlotliswa mmeleng wa ka, leha e le ka ho phela ha ka, leha e le ka ho shwa ha ka.


la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ