Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 34:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Bomadimabe bo tla bolaya ya bolotsana, mme bao e leng dira ho ya lokileng ba tla tsuwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 O baballa masapo wohle a hae, ha ho le le leng la wona le tla robeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 34:21
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a shwa jwalo; a iswa Samaria, mme morena a patwa Samaria.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Ho sa na le monna e mong, eo re ka botsang Jehova ka yena, ke Mikea, mora Jimla, empa ke mo hloile, kahobane ha a mporofetele molemo, empa e le bobe. Josafate a re: Morena a se ke a bua jwalo.


bona, ba kobeha, ba wa; empa rona, re tla tiya, re eme.


A ba ke ba makale ke dihlong tsa bona, bona ba reng bakeng sa ka: Ha! Ha!


Bahanyetsi ba hae ke tla ba ripitla pela hae, ke otle dira tsa hae.


o tla busetsa ho bona moputso wa bokgopo ba bona, o ba fedise ka baka la bolotsana ba bona. Jehova, Modimo wa rona, o tla ba fedisa.


E tla jelwa ka tlung e le nngwe; o ke ke wa isa letho la nama ya yona kantle ho ntlo; le se ke la roba lesapo la yona.


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


Hobane ya lokileng, leha a ka wa hasupa, o tla boela a tsohe; empa baetsadibe ha ba kgoptjwa, ba wela kotsing.


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.


Hobane efela ho lokile hoba Modimo o busetse matshweneyeho ho ba le tshwenyang,


Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,


Ebile Saule o re ho lehlahana la hae: Pshemola sabole ya hao, o mpolaye ka yona, esere mohlomong maqai ao a tla, a mpolaye, mme a ntshoma. Empa lehlahana la hae la hana, hobane le ne le tshohile haholo. Ebile Saule o nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ