2 Moya wa ka o ithorise ka Jehova! Ba pelo di nolo a ba utlwe hoo, mme ba thabe!
2 Ke tla boka Morena ka nako tsohle, ke nne ke mo rorise kamehla.
Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.
Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe!
Ba o tshabang, ha ba mpona, ba thaba, hobane ke tshepile pallo ya hao.
O ntshe moya wa ka teronkong, ke tle ke rorise lebitso la hao! Ba lokileng ba tla tla ho nteela hare, hobane o tla nketsetsa mohau.
Re ithorisa ka Modimo ka matsatsi wohle; re tla roka lebitso la hao ka ho sa yeng kae! (Sela.)
Moloko wa Iseraele kaofela o tla bewa o lokileng ke Jehova, o ithorise ho yena.
Empa ya ithorisang a ke a ithorisetse hona: ha a etsa ka bohlale, a ntseba, hobane ke nna Jehova ke etsang mohau, le kahlolo, le ho loka lefatsheng, hobane ke kgahliswa ke tseo, ho bolela Jehova.
hore ho mpe ho be jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya ithorisang, a ithorisetse Moreneng.
Mme ya ithorisang a ke a ithorisetse Moreneng.