Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 34:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Leha o ka ba mang ya ratang ho phela, ya lakatsang dilemo ho ja lehlohonolo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Tloong, bana ba ka, le mmamele, ke tla le ruta ho tshaba Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 34:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Phuthanang, le mamele, lona bara ba Jakobo, mamelang ntata lona Iseraele.


Ha ho se jwalo, o mmamele: Thola, mme ke tla o ruta bohlale.


Jehova, ako hopole hobane bophelo ba ka ke pudulo feela! Mahlo a ka ha a sa tla hlola a bona leseho;


A nna a o kopa bophelo, mme wa mo fa jona, e le bophelo bo bolelele, bo tiileng, bo sa feleng.


Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!


Ke tla mo kgorisa ka matsatsi a mangatangata, ke mmontshe poloko ya ka.


Mora wa ka, mamedisisa taba tsa ka, o sekehele dipolelo tsa ka tsebe.


Ka baka leo, bana ba ka, mmameleng, le ele dipolelo tsa molomo wa ka hloko.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; ho tseba Ya halalelang ke hlalefo.


Bofello ba taba tseo kaofela ke jona: Tshaba Modimo, o boloke ditaelo tsa wona, hobane, ke yona tshwanelo yohle ya motho;


Yaba ke nahana pelong ya ka hore ke mpe ke thabise nama ya ka ka veine, leha pelo ya ka e ne e ka nna ya itsamaela ka hlalefo; ka hopola ho etsa ka bohlanya ba batho, ho fihlela ke bona molemo oo bana ba batho ba tshwanetseng ho o etsa tlasa mahodimo, ka bongatanyana ba ditshiu tsa ho phela ha bona.


ke lemohile hape, hoba, ereha motho a eja dijo, kapa a enwa le ho latswa boiketlo ka mokgathala wohle wa hae, le teng e sa le neo ya Modimo.


o tle o rate Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae, mme o mo kgomarele; hobane ke yena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao, o tle o ahe lefatsheng leo Jehova a anetseng bontatao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, hore o tla ba nea lona.


o tle o tshabe Jehova, Modimo wa hao, ka ho boloka melao ya hae yohle, le ditaelo tsa hae tsohle, tseo ke o laelang tsona, hore o di boloke, e le wena, le mora wa hao, le mora wa mora wa hao, ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hao, matsatsi a hao a tle a ngatafale.


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ