Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 34:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Tloong, lona bara ba ka, le mmamele; ke tla le ruta ho tshaba Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Leha barui ba ka futsaneha, ba lapa, ba batlang Morena ba ke ke ba hloka, ba ke ke ba hloka letho le molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 34:11
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

tau e tiileng e timela ke ho hloka see a se rusollang, mme madinyane a tau e tshehadi a qhalantswe.


hobane o kgodisitse moya o nyorilweng, mme a sitsa moya o lapileng ka menono.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


Menono e ka tlung ya hae le maruo; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng.


Jehova ke modisa wa ka, nke ke ka hloka letho.


Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela eo o tshwanetseng ho ya ka yona; ke tla o lemosa ke ntse ke o tadimile ka mahlo.


Tloong, le mamele, lona kaofela ba tshabang Modimo, ke tla le bolella seo o se entseng bakeng sa moya wa ka.


Ho tshaba Jehova ke motheo wa tsebo; empa ba mawatla ba nyedisa bohlale le thuto.


Ruta mohlankana tsela eo a tshwanetseng ho e tsamaya; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kgeloha.


Bana ba ka, mamelang thuto ya ntata lona, le e nahane, le tle le fihlele kelello.


Ka baka leo, bana ba ka, mmameleng, le ele dipolelo tsa molomo wa ka hloko.


Ke rata ba nthatang; ba mpatlang e sa le kameso, ba tla mphumana.


Jwale, bana, nkutlweng! Ho lehlohonolo ba yang ka tsela tsa ka.


Mohlankana, thabela botjha ba hao, mme pelo ya hao e ke e o nyakalatse matsatsing a botjha ba hao, o tsamaye ka dithato tsa pelo ya hao le ka tjhadimo ya mahlo a hao;


O tla ruta mang bohlale, o tla utlwisa mang thuto? Hleka ke bana ba tswa kgweswa, kapa ba tlositsweng letsweleng?


Bana ba ka, ke sa dutse le lona ho se hokae; le tla mpatla, mme jwalokaha ke boleletse Bajuda, ka re: Moo ke yang teng, lona le ka sitwa ho tla, jwale ke rialo le ho lona.


etswe le bonyenyaneng ba hao o hlile wa tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho o hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho dumela ho Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ