Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 33:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Mahodimo a entswe ka lentswe la Morena, le mabotho wohle a wona ka polelo ya molomo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 33:6
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tshimolohong, Modimo o ne o hlole mahodimo le lefatshe.


Jwale Modimo wa re: Sebaka ha se be teng mahareng a metsi, mme se arohanye metsi le metsi.


Mahodimo a phethwa jwalo, le lona lefatshe le dintho tsohle tsa teng.


Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.


Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.


Pudulo ya wona e edisa mahodimo; letsoho la wona le hlaba drakone e lebelo. Bonang, tseo ke bokantle ba ditsela tsa wona;


Moya wa Modimo o nkentse, pudulo ya Ya matla wohle e a mphedisa.


Ha o boela o romela moya wa hao, di boele di tswalwe; mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.


Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.


Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


Eitse hobane a bue jwalo, a budulela ho bona, a re: Amohelang Moya o Halalelang!


e leng bona ba fetotseng nnete ya Modimo leshano, ba rapetseng tse bopilweng, ba di sebeleditseng, ba furaletse Mmopi ya bokwang kamehla. Amen!


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


Ka tumelo, re a tseba hoba dintho tsohle di bopilwe ke lentswe la Modimo, ka mokgwa wa hore tse bonwang ha di a ka tsa etswa ka tse bonahalang.


Hobane ba lebala ka boomo hoba mahodimo a ne a hlolwe kgale ke lentswe la Modimo, le hoba le lona lefatshe le ntshitswe metsing, la bolokwa hara metsi;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ