a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa mong a ka Abrahama, ya sa kang a hlokisa mong a ka lereko la hae le botshepehi ba hae! Haele nna, Jehova o fela a ntsamaisitse ho ntlisa tlung ya banababo mong a ka.
Jwale, nna Nebukadnesare, ke a rorisa, ke a boka, ke hodisa Morena wa lehodimo, hobane ketso tsa hae kaofela ke tsa nnete, tsela tsa hae ke ho loka, mme o na le matla a ho kokobetsa ba tsamayang ka tsela ya boikgohomoso.
Wena ya bitswang ntlo ya Jakobo, na pelo ya Jehova e kgutshwanyane? Na ke wona mokgwa wa hae? Dipolelo tsa ka na ha di hlahise molemo ho ya tsamayang ka ho loka?