Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 33:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mmineleng sefela se setjha, lohlanang ka dikgoba, le utlwahatse diletsa tsa lona le mantswe a lona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Mmineleng sefela se setjha, letsang ka bokgabane, le etse mehoo ya thabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 33:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le Baiseraele kaofela ba ne ba letsa pela Modimo ka matla wohle a bona, ba bina ka diharepa, le diviole, le meropa, le disimbala, le diterompeta.


Kenania, motsamaisi wa Balevi bakeng sa dipina, o ne a ruta tsona, hobane o ne a le masene ho tsona.


Mme palo ya bona, ha ba kopanngwa le banababo bona ba neng ba ithutile ho binela Jehova, e leng banna ba rutehileng kaofela, e ne e le batho ba makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a metso e robileng meno e le mmedi.


Batho bao ba nna ba sebetsa mosebetsi oo ka botshepehi. Balebedi ba bona e ne e le Jahathe le Obadia, Balevi, ho bara ba Merari, le Sakaria le Meshullame, ho bara ba Bakehathe; Balevi bohle, ba neng ba tseba ho letsa diletsa,


Oho Modimo, ke rata ho o binela sefela se setjha, ke rata ho o rorisa ka thomo ya dikgole tse leshome,


Bokang Jehova! Binelang Jehova sefela se setjha, a nne a rokwe phuthehong ya bakgethwa ba hae.


Molomong wa ka a bea sefela se setjha, dithoko tsa Modimo wa rona. Ba bangata ba tla bona hoo, ba tshabe, mme ba tshepe Jehova.


Ho lehlohonolo motho ya beang tshepo ya hae ho Jehova, ya sa tlwaeleng baikgantshi le ba ineetseng leshano.


Binelang Jehova sefela se setjha; binelang Jehova, lona, baahi bohle ba lefatshe!


Binelang Jehova sefela se setjha, hobane o entse dintho tse mehlolo; seatla sa hae se setona le letsoho la hae le halalelang di hlotse dira tsa hae.


Binelang Jehova sefela se setjha, le tumise dithoko tsa hae dipheletsong tsa lefatshe, lona ba tsamayang hodima lewatle, le lona dibopuwa tsohle tse ho lona, lona dihlekehleke le ba ahileng ho tsona.


Buisanang ka dipesalema, le ka difela, le ka dipina tsa moya, mme le binele Morena, le mo dudueletse ka dipelong tsa lona.


Lentswe la Kreste le ikahele ho lona ka moeno, ho le hlahisetsa bohlale bohle; le nne le rutane, mme le kgothatsane ka dipesalema, le dithoko, le difela tsa moya, le ntse le binela Morena ka dipelo tsa lona, ka bokgabane.


Ba ne ba bina ho kang sefela se setjha pela terone, le pela dibopuwa tse phelang tse nne, le pela baholo. Mme ho ne ho se ba ka ithutang sefela seo, haese ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsweng lefatsheng.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ