Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 33:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane pelo tsa rona di ithabela ho yena, hobane re tshepile lebitso la hae le halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Pelo tsa rona di a mo thabela, re tshepile lebitso la hae le halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 33:21
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe.


Ereng: Re lopolle, Modimo wa topollo ya rona, o re bokelle hammoho, o re ntshe hara ditjhaba, re tle re binele lebitso la hao le halalelang, mme re ithorise ka ho o roka.


Athe ke tshepile mohau wa hao. Twelo ya hao a e ke e thabise pelo ya ka.


Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.


Ka letsatsi leo, ho tla thwe: Bonang ke wona Modimo wa rona, oo re o tshepileng hoba o tla re boloka; ke yena Jehova eo re mo tshepileng; a re nyakalleng, re thabele topollo ya hae.


Efraime o tla ba jwaloka mohale, pelo tsa bona di tla thaba jwaloka eka ba nwele veine. Bana ba bona ba tla tla ho bona, ba be ba thabe, pelo tsa bona di nyakallele ho Jehova.


Le lona le utlwa bohloko jwale; empa ke tla boela ke le bone, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya tla le amoha thabo ya lona.


Dipobuwa tse nne tseo tse phelang, se seng le se seng sa tsona se ne se medile dipheo tse tsheletseng, mme se ne se tletse mahlo ka nqa tsohle le kahare; mme di ne di sa phetse, motshehare le bosiu, ho re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo, Ya matla wohle, ya neng a le teng, ya ntseng a le teng, ya tla nne a be teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ