Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 33:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Rorisang Jehova ka harepa, le mminele ka thomo ya dikgole tse leshome!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Bokang Morena ka harepa, mo rokeng ka seletsa se kgwele di leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 33:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le bohle ba ntlo ya Iseraele ba letsa pela Jehova ka diletsa tsa mefutafuta tse entsweng ka difate tsa kiprese, ka diharepa, le diviole, le meropa, le diterompeta, le disimbala.


Davida a bolella balaodi ba Balevi hore ba hlopholle banababo bona, e leng dibini, hore ba eme ka diletsa, e leng diviole, le diharepa, le disimbala, tseo ba tla di letsa ka matla, ba etse modumo wa thabo ka tsona.


Baiseraele bohle ba lata areka ya selekane sa Jehova jwalo ka ditlatse le ka ho letsa diphala, ka diterompeta le disimbala, le ka ho letsa diviole le diharepa.


Ho Jeduthune, bara ba Jeduthune ke Gedalia, Tseri, Esaia, Hashabia, le Matthithia; ba tsheletse; ba le tsamaisong ya ntata bona Jeduthune, ya neng a porofeta ka harepa, ho leboha le ho rorisa Jehova.


Bao kaofela ba ne ba le tsamaisong ya ntata bona, ba tle ba bine tlung ya Jehova, ba ntse ba ithusa ka disimbala le diviole le diharepa, ho etsa tshebetso ya ntlo ya Modimo. Haele Asafe le Jeduthune le Hemane, ba ne ba laelwa ke morena.


Oho Modimo, ke rata ho o binela sefela se setjha, ke rata ho o rorisa ka thomo ya dikgole tse leshome,


Ba ke ba roke lebitso la hae ka mehobelo, ba mo rorise ka modumo wa meropa le wa diharepa!


Le nna ke tla o rorisa ka pesalterine, ke bolele nnete ya hao, Modimo wa ka; ke tla o binela ka harepa, Mohalaledi wa Iseraele!


ka thomo e kgole tse leshome le ka pesalterine, ka harepa e modumo o monate.


Hobane o nthabisa, Jehova, ka diketso tsa hao, ke nyakalatswa ke mesebetsi ya diatla tsa hao.


Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.


Mme ka utlwa lentswe le tswang lehodimong le kang modumo wa metsi a mangata, le jwaloka modumo wa seaduma se seholo. Hape, lentswe leo ka le utlwa, eka ke la baharepa ha ba tidinya diharepa tsa bona.


Eitse hobane e nke buka eo, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba kgumama pela Konyana, ba nkile, e mong le e mong, harepa le pitsana ya kgauta e tletseng tse monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ