7 O setshabelo sa ka; o ntwela matswalong, o ntika ka dipina tsa topollo. (Sela.)
7 O setshabelo sa ka, o tla mphemisa matshwenyeho; o nteela hare, o a ntopolla.
Eitse hobane Jehova a namolele Davida matsohong a dira tsohle tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Jehova dithoko tse reng:
O setshabelo sa ka le thebe ya ka; ke lebeletse pallo ya hao.
Jehova, o ntopolle direng tsa ka, hobane ke balehela ho wena.
Marapo a lebitla a ne a ntikile, ke ne ke tshwasitswe mameneng a lefu.
Hobane o tla mpata tabernakeleng ya hae ka matsatsi a mabe, a nkamohele tshirelong ya tente ya hae, a mphahamise hodima lefika.
o ba sirela moriting wa sefahleho sa hao hole le merero ya batho; o ba boloka tenteng ya hao hole le ditshebo tsa leleme.
Mahlomola a mangata a lebeletse ya kgopo; empa ya itshepelang Jehova o teelwa hare ke mohau wa hae.
Molomong wa ka a bea sefela se setjha, dithoko tsa Modimo wa rona. Ba bangata ba tla bona hoo, ba tshabe, mme ba tshepe Jehova.
Hobane wena, Jehova, o hlohonolofatsa ya lokileng, ka mohau wa hao o mo sireletsa ka mokgwa wa thebe.
Jehova ke setshabelo ho ya tujwang, setshabelo sa hae mehleng ya matswalo.
Ya dutseng sephiring sa Mookamedi ya phahameng, o phomola moriting wa Ya matla wohle.
Binelang Jehova sefela se setjha, hobane o entse dintho tse mehlolo; seatla sa hae se setona le letsoho la hae le halalelang di hlotse dira tsa hae.
Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.
Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.
ba ntse ba howa ka mantswe a phahamileng, ba re: Poloko ke ya Modimo wa rona, o dutseng teroneng, le ya Konyana.
Tsatsing leo, Debora le Barake, mora Abinoame, ba bina, ba re: