Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 32:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho yena, lona ba lokileng; mme le bine, lona bohle ba pelo tse lokileng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Thabelang Morena, le nyakalle, le nyakalle lona ba lokileng; le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 32:11
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, etsa molemo ho batho ba molemo le ho ba pelo tse lokileng!


Ho lehlohonolo motho eo Jehova a sa mmalleng bokgopo ba hae, eo thetso e leng siyo pelong ya hae!


Lona ba lokileng, le thabele Jehova! Thoko e tshwanela batho ba lokileng.


Empa ba o tshepileng kaofela ba tla thaba, ba be ba nyakalle ka ho sa yeng kae, hobane o tla ba sireletsa; ba ratang lebitso la hao ba tla nyakallela wena.


Ya lokileng o tla ithabela ho Jehova, a tshabele ho yena; batho bohle ba nang le pelo e lokileng ba tla ithorisa kahoo.


Empa ba lokileng ba tla thaba, ba be ba nyakalle pela Modimo, ba hlasimolohe, ba bine.


Thebe ya ka e ho Modimo o lwelang ba pelo tse lokileng.


Jehova o a busa. Lefatshe a le ke le thabe; dihlekehleke tse ngata a di ke di nyakalle!


Lona ba lokileng, etsang thabo ya lona ka Jehova, mme le roke lebitso la hae le halalelang!


Lona, mafatshe kaofela, phahamisetsang ho Jehova mehoo ya thabo ya lona! Tshelang ditlatse tsa lona, le mo binele difela tsa nyakallo!


Wena thaba e kgolo, o eng pela Sorobabele? O lehwatata feela! Mme o tla hlahisa lejwe la hloro ya ntlo hara ditlatse tse reng: Le hauhelwe! le hauhelwe!


Mme hase hoo feela, empa hape re ithorisetsa ho Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona, eo jwale re boneng poelano ka yena.


Le tla thaba pela Jehova, Modimo wa lona, lona le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona ba batona, le ba batshehadi, le Molevi ya menyakong ya lona; hobane yena ha a na kabelo le lefa jwaloka lona.


Haele ka ho hong, banabeso, le ithabele Moreneng. Ha ke kgathale ke ho le ngolla ditaba di le ding, mme ke ntho e le tiisang.


hobane ke rona re leng lebollo la nnete, bao re sebeletsang Modimo moyeng, bao re ithorisetsang ho Jesu Kreste, bao re sa tshepeng nama.


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


Anna a rapela, a re: Pelo ya ka e thabetse Jehova, lenaka la ka le emisitswe ke Jehova; molomo wa ka o ahlametse dira tsa ka, ke tswe ke nyakaletse ke poloko ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ