Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 32:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mahlomola a mangata a lebeletse ya kgopo; empa ya itshepelang Jehova o teelwa hare ke mohau wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Mahlomola a ya kgopo a mangata, athe ya tshepileng Morena o teetswe hare ke mohau wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 32:10
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.


Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe.


Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e beilweng ho Jehova, Modimo wa hae!


Jehova o kgahliswa ke ba mo tshabang, ba itshepelang mohau wa hae.


Ho atiswa medimo ya bohata, ho nyehellwa medimo esele. Nke ke ka hlahisa ditshelo tsa yona tsa madi, mabitso a yona a ke ke a hlaha melomong ya ka.


Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


Latswang, le bone hoba Jehova o molemo! Ho lehlohonolo motho ya tshabelang ho yena!


Ho lehlohonolo motho ya beang tshepo ya hae ho Jehova, ya sa tlwaeleng baikgantshi le ba ineetseng leshano.


Hobane wena, Jehova, o hlohonolofatsa ya lokileng, ka mohau wa hao o mo sireletsa ka mokgwa wa thebe.


Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!


Ditlokotsi di phallela baetsadibe; empa lehlohonolo ke moputso ho ba lokileng.


Ya hloko ditabeng o tla bona molemo, ho lehlohonolo ya tshepang Jehova.


Empa leha moetsadibe a etsa hampe ha lekgolo, mme a atelwa ke matsatsi, leha ho le jwalo, ke tseba hoba ba tshabang Modimo ho tla dula hantle le bona, e leng ba tshabang ho etsa hampe pela sefahleho sa wona.


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Ha ho kgotso e boloketsweng ba bolotsana: ho bolela Modimo wa ka!


Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ