Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 31:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ratang Jehova, lona bakgethwa bohle ba hae! Jehova o boloka batshepehi, o otla baikgohomosi ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Matswalong a ka, ka re: “O ntahletse hole le sefahleho sa hao.” Empa wa utlwa thapedi ya ka, ha ke ne ke o llela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 31:23
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, mesebetsi ya hao kaofela e tla o rorisa, bakgethwa ba hao ba o boke.


Jehova o boloka bohle ba mo ratang, empa o fedisa ba babe kaofela.


Binelang Jehova, lona bakgethwa ba hae, le rorise lebitso la hae le halalelang.


Tshabang Jehova, lona bakgethwa ba hae, hobane ha ho letho le hlokwang ke ba mo tshabang.


O tla dihela hodima bao e leng dira ho nna bolotsana ba bona. O ke o ba qete, botshepehing ba hao!


Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.


Ema, moahlodi wa lefatshe, o neele baikgohomosi moputso!


Lona ba ratang Jehova, hloyang bobe! O sirela meya ya bakgethwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba bolotsana.


Ke ne ke itse: Mohla matsatsi a ka e leng a phomolo, ke moo ke tla theohela menyakong ya nqalo ya bafu, ke timellwe ke dilemo tse ka beng di setse.


Haele bana ba baditjhaba ba kgomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae, bona kaofela ba bolokang sabbatha, ba tshabang ho e silafatsa, mme ba tiisetsa selekaneng sa ka,


Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.


Hleka ha ho le jwalo, tsohong ya bafu, mohla ho tsohuwang, mosadi eo e tla ba wa ofe ho bona, haele mona e bile mosadi wa bona ba supileng?


Mme jwale, Iseraele, Jehova, Modimo wa hao, o batlang ho wena, haese hore o tshabe Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye tseleng tsa hae tsohle, o mo rate, mme o sebeletse Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle,


Hobane ke a o laela kajeno hore o rate Jehova, Modimo wa hao, le ho tsamaya tseleng tsa hae, le ho boloka ditaelo tsa hae, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, o tle o phele, o ngatafale, mme Jehova, Modimo wa hao, a tle a o hlohonolofatse naheng eo o yang ho e rua.


Ha ke leotsa lerumo la ka le benyang, mme letsoho la ka ha le tshwara kahlolo, ke tla iphetetsa ho dira tsa ka, ke busetse ho ba ntlhoileng.


Efela o rata ditjhaba; bakgethwa ba hae kaofela ba letsohong la hao; ba dula maotong a hao, ba amohela ditaba tsa hao.


Haele ka ho hong, banabeso, re a le rapela, hape re le kgothatsa ka Morena Jesu, hore, jwalokaha le ithutile ho rona kamoo le tshwanetseng ho tsamaya le ho kgahlisa Modimo kateng, le nne le hole teng kamehla.


Ke le Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, ba boloketsweng Jesu Kreste, ke re:


Le mo putse kamoo a le putsitseng kateng, mme le mo lefise habedi ho lekaneng mesebetsi ya hae, le mo tswakele habedi senwelong seo a le tswaketseng ho sona.


O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ