Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 31:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 o ba sirela moriting wa sefahleho sa hao hole le merero ya batho; o ba boloka tenteng ya hao hole le ditshebo tsa leleme.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Morena, molemo wa hao o mokaakang! O o boloketse ba o tshabang; pontsheng ya bana ba batho o o etsetsa ba tshabelang ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 31:20
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla sireletswa ha ho shapa leleme, ha o ka ke wa tshaba tshenyo ha e ka fihla.


Ya madimabe o hloreha ke boikgohomoso ba bakgopo, o tshwaswa marabeng a lohilweng ke bona,


Empa jwaloka lehodimo ha le phahamile hodimo ho lefatshe, mohau wa hae o moholo jwalo ho ba mo tshabang.


Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.


O etse ho mohlanka wa hao ka mohau wa hao, o nthute dikomelo tsa hao.


Metsi a phorosetsang a ka be a fetile hodima meya ya rona.


Ba tjhaditsa maleme a bona jwaloka dinoha, mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona. (Sela.)


Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)


Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


Hobane o tla mpata tabernakeleng ya hae ka matsatsi a mabe, a nkamohele tshirelong ya tente ya hae, a mphahamise hodima lefika.


O setshabelo sa ka; o ntwela matswalong, o ntika ka dipina tsa topollo. (Sela.)


Leoto la boikgohomoso le se ke la nkgatakela, letsoho la ba babe le se ke la mpalehisa!


Ho loka ha hao ho ka ka dithaba tsa Modimo, dikahlolo tsa hao di tebile jwaloka lewatle. Jehova o baballa batho le diphoofolo.


ba kgora ke nala ya ntlo ya hao, o ba nosa dinokeng tsa menate ya hao.


Ho lehlohonolo motho ya beang tshepo ya hae ho Jehova, ya sa tlwaeleng baikgantshi le ba ineetseng leshano.


Modimo, o iphahamise, o be o okamele mahodimo; kganya ya hao e bonahale lefatsheng lohle!


Oho Modimo, baikakasi ba mpokanetse, letshwele la batho ba tshabehang le batla bophelo ba ka; ha ba ka ba o bea pela mahlo a bona.


Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona.


Re tsamayeng ka mokgwa o tshwanelang, jwaloka batho ba tsamayang motshehare o moholo, e seng ka meharo, le botahwa, le bootswa, le dikgang, le mona.


Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere.


ke ho rapela medimo ya bohata, le boloi, ke hloyano, le dikomang, ke mona, le bohale, le dikgang, le diphapang, le dikgaohano;


o ikgohomositse, ha a tsebe letho, mme o jewa ke leru la diphetolano le la dikgang tse hlahisang mona, le dikomang, le dinyefolo, le diplaelo tse mpe,


Athe o re ekeletsa tshitso, mme ke ka baka leo Lengolo le reng: Modimo o hanela baikgohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ