Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 31:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Phakisa o mpoloke! O be lefika ho nna, le setshabelo, le qhobosheane ya poloko!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ke tshabela ho wena Morena; ke se ke ka hlajwa ke dihlong le ka mohla. Ako nnamolele ka baka la ho loka ha hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 31:2
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo ke lefika la ka leo ke tshabelang ho lona; ke thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, qhobosheane e phahameng ya ka, le setshabelo sa ka, Mopholosi wa ka ya nnamoletseng bothateng!


Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.


O se ke wa mpatela sefahleho sa hao ka letsatsi la matswalo a ka! O ntshekehele tsebe, ha ke bitsa ho wena! Phakisa o nkarabe!


Morena, utlwa lentswe la ka; ditsebe tsa hao a di ke di sekehelwe thapelo ya ka!


Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


Modimo wa ka, ke beile tshepo ya ka ho wena; oho, ke se ke ka swaba! bao e leng dira ho nna ba tle ba se ke ba thaba ka nna!


Haele nna, ke mofumanehi le mosenyehi; empa Morena o a nkgopola! O thuso ya ka le mopholosi wa ka; Modimo wa ka, o se ke wa dieha.


Poloko ya ka le kganya ya ka di dutse ho Modimo; Modimo ke lefika la ka le matla; ke setshabelo sa ka.


mme o se ke wa patela mohlanka wa hao sefahleho sa hao, hobane ke matswalong; phakisa o nkarabe!


esere sera sa nthusolla jwaloka tau, sa ntshetlakela ha ke hloka monamoledi.


Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.


Jehova, sekeha tsebe ya hao, o nkarabele, hobane ke ya madimabe, ke ya lesitsi.


Jehova, o nnile wa ba setshabelo sa rona melokong le melokong.


Hobane, Jehova, o setshabelo sa ka. O ikgethetse Mookamedi ya phahameng, hore e be setshabelo sa hao.


Empa Jehova ke qhobosheane ya ka, Modimo wa ka ke lefika la palehelo ya ka;


Sekeha tsebe, o mamele dipolelo tsa ba bohlale, o neele pelo ya hao tsebo ya ka.


Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.


Ke a le bolella, o tla phakisa ho ba ahlolela. Leha ho le jwalo, etlare ha Mora motho a etla, na o tla fumana tumelo e le teng lefatsheng na?


Ya jang nama ya ka, le ho nwa madi a ka, o dula ho nna, le nna ho yena.


Hobane lefika la bona ha le jwaloka Lefika la rona; esita le bao e leng dira ho rona, ba ka ahlola jwalo.


Ha ho motho ya kileng a bona Modimo, le ka mohla o le mong; ha re ratana, Modimo o dutse ho rona, mme lerato la wona le phethehile ho rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ