Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 31:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le leholo hakakang lereko leo o le boloketseng ba o tshabang, leo o le hlahisetsang ba itshepetseng wena pontsheng ya bana ba batho;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ba buang leshano ba fetohe dimumu, baikakasi bana ba buang hampe ka ya lokileng, ba ikgohomosetsang yena, ba mo nyedise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 31:19
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.


O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha.


Modimo wa hao a laetse hore o be le matla. Modimo, o tiise seo o se sebeditseng bakeng sa rona,


Modimo o fela o le molemo ho Iseraele, ho ba pelo tse hlwekileng.


Jehova, ke wena ya re fang kgotso, hobane ke wena ya sebetsang bakeng sa rona tseo re di etsang kaofela.


Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla, ba boele Sione ka difela tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo di tla tla ho ba kgahlanyetsa, bohloko le masisapelo di balehe.


Esale ho hlaheng, batho ha ba eso ho utlwe, ditsebe ha di eso ho mamele, le mahlo ha a eso ho bone Modimo, haese wena o etsang jwalo ho ba o tshepileng.


Jakobo a ke ke a louwa, le Iseraele a ke ke a nohelwa. Jwale ho tla bolellwa Jakobo le Iseraele mosebetsi o sebeditsweng ke Modimo.


Empa ya etsang nnete, o tla leseding, mesebetsi ya hae e tle e bonahatswe hore e etseditswe Modimo.


Yaba phutheho kaofela e a kgutsa, e a mamela Barnabase le Pauluse, ha ba bolela kamoo Modimo o entseng mehlolo kateng, ka bona le meeka e mengata hara ditjhaba.


Ka baka leo, o lemohe mohau wa Modimo le bothata jwa wona; bothata hodima ba weleng, le mohau hodima hao, ha o tiisetsa molemong oo wa wona; hobane ha o sa tiisetse teng, o tla rengwa le wena.


Empa ho dutse jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Taba tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa itlhahela pelong ya motho.


Mme ya re bopetseng hona hoo ke Modimo, e leng wona hape o re neileng ditebeletso tsa Moya.


Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ