Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 31:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa ke itshepela wena, Jehova; ke re: O Modimo wa ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ke utlwa ditshebo tsa ba bangata, ke tshoswa ka nqa tsohle; batho ba nkunuta ba le mmoho, ba rera ho fedisa bophelo ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 31:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha ba mmona a sa le hole, a eso ho atamele, ba mo rera ho mmolaya.


Ke ntse ke re ho Jehova: O Modimo wa ka. Jehova, o sekehele lentswe la dithapedisiso tsa ka tsebe!


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo, ke sa tla o roka; ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.


Oho Modimo, o se be hole le nna! Modimo wa ka, o phakise ho tla nthusa!


Le nna ke tla o rorisa ka pesalterine, ke bolele nnete ya hao, Modimo wa ka; ke tla o binela ka harepa, Mohalaledi wa Iseraele!


Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.


A ntoo ya pejana, a wela fatshe ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etswa, ako fetisetse senwelo sena hole le nna? Empa ho se ke ha etswa thato ya ka, ho mpe ho etswe ya hao!


A boela a ya la bobedi, a rapela, a re: Ntate, ekare ha e se ntho e ka etswang hore senwelo sena se fetele hole le nna ke sa nwele ho sona, a ho etswe thato ya hao!


Ha ho batlile ho ba hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eli, Eli, lamma sabakthani? ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?


Jesu a re ho yena: Se nkame, hobane ha ke eso ho nyolohele ho Ntate; o mpe o ye ho banabeso, o re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntata lona, ho Modimo wa ka, e leng le Modimo wa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ