Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 31:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 hobane ke utlwa ditshebo tse wewetswang ke bongata; tshoho e ntlela kahohle, ha ba botsana hammoho bakeng sa ka, ba rera ho tlosa bophelo ba ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ha ke sa hopolwa; jwalokaha eka ke mofu, ke tshwana le ntho e lahlilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 31:13
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa molaodi wa baqhatsetsi ha a ka a hopola Josefa, a mpa a mo lebala.


Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.


Di potoloha marakong a wona motshehare le bosiu; bokgopo bo dutse hara wona le bomadimabe;


Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.


Mme nna, jwaloka konyana e bonolo e iswang ho hlajwa, ke ne ke sa tsebe hobane ba ka rera morero bakeng sa ka, o reng: A re bolayeng sefate le dijo tsa sona, re mo epolle lefatsheng la ba utlwang, le lebitso la hae le tle le se ke la hlola le sa hopolwa.


Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.


Le se ke la tswela naheng, le se nke maeto, hobane lerumo la sera le teng, ho tshabeha ka nqa tsohle.


O bitsitse matsoso a ka ka nqa tsohle, jwaloka hoja ke tsatsi la mokete; ha ho a ka ha eba mophonyohi, leha e le lesiela, tsatsing la kgalefo ya Jehova! bao ke neng ke ba babaletse, ke ba hodisitseng, sera se ba fedisitse.


Jwale, baprista ba baholo le baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba bohata bo ka qosang Jesu, hore ba tle ba mmolaye.


Yare kameso, baprista bohle ba baholo le baholo ba setjhaba ba rera Jesu ho mmolaya.


Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona.


Ebile Saule o mmetsa ka lerumo ho mo hlaba. Jonathane a tseba kahoo hobane ntatae o rerile ruri ho bolaya Davida.


Davida a re ho Saule: O mamellang mantswe a batho ba reng: Bona, Davida o batla ho o ntsha kotsi?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ