9 Na o ka ruang ka madi a ka le ka ho theohela ha ka lebitleng?
9 Ka ipiletsa ho wena Morena, ka etsa thapedi ho Morena, ka re:
Nke ke ka shwa, empa ke tla phela, ke bolele diketso tsa Jehova.
Hobane lefung ha o sa hopolwa; ke mang ya ka o rorisang nqalong ya bafu?
Ke howeleditse ho wona ka molomo wa ka, thoko ya wona eba lelemeng la ka.
Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Hobane nqalo ya bafu e ke ke ya o boka, lefu le ke ke la o rorisa; batho ba theohelang lebitleng ha ba sa tshepa botshepehi ba hao.