3 Jehova, o nyolotse moya wa ka nqalong ya bafu, o ntsositse, hore ke se theohele lebitleng.
3 Morena Modimo wa ka, ka ipiletsa, ka ipiletsa ho wena, mme wa mphodisa.
o lopolotse moya wa ka hore ke se theohele lebitleng; bophelo ba ka bo ntse bo thabetse lesedi.
a romela lentswe la hae, a ba fodisa, a ba ntsha mabitleng a bona.
Efela o ntshitse moya wa ka lefung, le mahlo a ka dillong, le maoto a ka kgothometsehong.
hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu, o ke ke wa dumela hoba mokgethwa wa hao a bone ho bola.
Jehova, ke howeletsa ho wena! Lefika la ka, o se ke wa nthibanela ditsebe; esere mohlomong, ha o ka nkgutsetsa, ka ba jwaloka ba theohelang lebitleng.
Hobane o lwetse bophelo ba ka lefung, o bolokile maoto a ka ho weng, ke tle ke tsamaye pela hao, Modimo, leseding la ba utlwang.
Wena ya re hlahiseditseng ditsietsi tse ngata tse bohloko, o tla boela o re fe bophelo, o be o re nyolle maleng a lefatshe.
Hobane mohau wa hao o moholo ka nqa ho nna, mme o nyolotse moya wa ka tlasetlase nqalong ya bafu.
Morena, motho o phela ka mehauhelo ya hao; bophelo ba moya wa ka bo dutse ho yona kaofela; o a mphodisa, mme o a mphedisa.