Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Poloko e tswa ho Jehova! Lehlohonolo la hao ha le ke le be hodima setjhaba sa hao. (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Thusa, Morena! O mpholose, Modimo wa ka, wena ya jabelang dira tsa ka tsohle marameng, ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 3:8
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eo a mpa a ema bakeng seo, a lwanela setjhaba, a bolaya Bafilesta. Jehova a namolela Baiseraele haholo le ka yena.


Ke wa hao; o ntopolle! etswe ke batla ditemoso tsa hao.


Jehova o tla nea setjhaba sa hae matla; Jehova o tla hlohonolofatsa setjhaba sa hae ka kgotso.


O kgantshetse sefahleho sa hao hodima mohlanka wa hao! O mpoloke ka baka la mehauhelo ya hao! O mpoloke ka baka la mehauhelo ya hao!


Ba fele jwaloka metsi a phallang, metsu eo ba e fulang e thithibane.


Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.


Jehova, sohlometsa botshabeho ba hao hara tsona, ditjhaba di tle di utlwe hoba ke batho feela! (Sela.)


Pere e lokisetswa letsatsi la ntwa; empa poloko ke ya Jehova.


Ke nna, ke nna Jehova; ha ho mmoloki e mong, haese nna.


Efela poloko e tswang maralleng le dithabeng ke thetso feela; efela pholoho ya Iseraele e ho Jehova, Modimo wa hae.


Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna.


empa nna, ke tla o hlabela mahlabelo ka dipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng. Poloko ke ya Jehova!


Ha areka e ne e tloha, Moshe o ne a re: Raoha, Jehova; dira tsa hao a di ke di qhalwe! mme ba o hloileng, a ba ke ba balehe pela sefahleho sa hao!


Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.


Mme ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa lehodimo, leo batho ba le neilweng, leo re ka bolokehang ka lona.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a Moya, mahodimong, ho Kreste;


Ruri, ke tla o hlohonolofatsa, ke be ke o hlohonolofatse, ke tla o atisa, ke be ke o atise.


le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.


Kamora tseo, ka utlwa lehodimong ho kang lentswe la bongata bo boholo, le re: Alleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Modimo wa rona;


ba ntse ba howa ka mantswe a phahamileng, ba re: Poloko ke ya Modimo wa rona, o dutseng teroneng, le ya Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ