Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 29:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Lentswe la Jehova le matla, lentswe la Jehova le kganya ka boholo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Lentswe la Morena le matla, lentswe la Morena le a tshabeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 29:4
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane, ha a bua, ho ye ho hlahe ntho; leha a laela, e ye e be teng.


Binelang ya haolang ka sebaka sa mahodimo a kamehla. Utlwang! o utlwahatsa lentswe la wona, lentswe le tlerolang.


Ereng: Matla ke a Modimo, oo boholo ba wona ba okamelang Iseraele, oo matla a wona a bonahalang marung.


Jehova o kgabane nqalong tse diphahameng, o okametse medumo ya metsi a mangata le maqhubu a matla a lewatle.


Jehova o tla utlwahatsa ditlatse tsa lentswe la hae, a bontshe ho oma ha letsoho la hae, le kgalefo ya bohale, le mollo wa lelakabe le tjhesang, le phatloho ya leru, le tsholoho ya pula, le majwe a sefako.


Lentswe le lerata le tswa motseng, lentswe le tswa tempeleng, ke lentswe la Jehova ya busetsang ho dira tsa hae ka diketso tsa tsona.


Modumo wa dipheo tsa dikerubime wa utlwahala le lebaleng le kantle, o ka lentswe la Modimo o matla wohle, ha o bua.


A re: Jehova o tla rora Sione, a phahamise lentswe la hae a le Jerusalema; makgulo a badisa a tla swaba, hlora ya Karmele e omelle.


Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Lentswe lena ke eng, ha a kgalemela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e etswa?


A ba a re ho bona: Tumelo ya lona e kae? Ba mpa ba tshaba, ba makala, ba bolellana, ba re: Na enwa ke mang, ha a laela le yona meya le metsi, mme di mo utlwe?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ