Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 28:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Morena ke matla a ka le thebe ya ka; pelo ya ka e mo tshepile, mme o nthusitse; pelo ya ka e nyakaletse, ke mmoka ka dipina.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 28:7
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Athe ke tshepile mohau wa hao. Twelo ya hao a e ke e thabise pelo ya ka.


Ke tla rorisa Jehova ka baka la botle boo a nketsetsang bona.


O amohele mantswe a molomo wa ka, o kgahliswe ke ho nahana ha pelo ya ka, wena, Jehova, lefika la ka le monamoledi wa ka!


Jehova, matla a hao a thabisa morena, poloko ya hao e a mo nyakalatsa!


Bontata rona ba nna ba bea tshepo ya bona ho wena, ba bea tshepo ya bona, mme wa ba pholosa;


Jehova ke matla a setjhaba sa hae, ke qhobosheane ya poloko ho motlotsuwa wa hae.


Empa wena, Jehova, o thebe e ntshireletsang, o kganya ya ka, hlooho ya ka e eme ka wena.


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)


Hobane pelo tsa rona di ithabela ho yena, hobane re tshepile lebitso la hae le halalelang.


Poloko ya ba lokileng e tswa ho Jehova; ke yena qhobosheane ya bona letsatsing la matswalo;


Molomong wa ka a bea sefela se setjha, dithoko tsa Modimo wa rona. Ba bangata ba tla bona hoo, ba tshabe, mme ba tshepe Jehova.


Erekaha o le Modimo oo e leng qhobosheane ya ka, o ntahletseng? Ke tsamaelang ka dillo tlasa botubo ba sera?


Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.


Ka baka leo, re ke ke ra tshoha, leha lefatshe le ka sisinyeha, mme dithaba tsa tsokotseha mahareng a mawatle;


Ke tla rorisa lebitso la Modimo ka dithoko, ke le tumise ka dipoko;


Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.


O o kgurumetsa ka masiba a hae, o bona tshireletso katlasa mapheo a hae; nnete ya hae ke thebe le thejana.


Bonang, Modimo ke poloko ya ka, ke na le tshepo, nke ke ka tshaba letho; hobane Jehova, Jehova ke matla a ka le sefela sa ka; o ikentse Mmoloki wa ka.


Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.


Mme ba bina sefela sa Moshe, mohlanka wa Modimo, le sefela sa Konyana, ba re: E meholo, e a babatseha, mesebetsi ya hao, Morena Modimo o matla wohle! Oho, Morena wa ditjhaba, ditsela tsa hao di lokile hakakang, ke nnete feela!


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ