Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 28:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Utlwa lentswe la dithapedisiso tsa ka ha ke howeletsa ho wena, leha ke otlollela sehalalelo sa hao matsoho a ka!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ako utlwe thapedi ya ka, ha ke o llela, ke phahamiseditse matsoho a ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 28:2
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A lokisa sehalaledisiso ka tlung, a tle a bee areka ya selekane sa Jehova ho sona.


A haha leboteng la ntlo dikamore tse kallaneng tse le potang, a di haha maboteng a ntlo, tsa sika tempele le sehalaledisiso; a etsa dikamore tse kathoko kahohle.


leha e ka ba mang le mang hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la pelo ya hae, mme a otlollela nqa tlung ena matsoho a hae,


Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,


Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!


Morena, utlwa lentswe la ka; ditsebe tsa hao a di ke di sekehelwe thapelo ya ka!


Emisetsang sehalalelo sa hae matsoho a lona, le boke Jehova!


ke o kgumamele pela ntlo ya hao e halalelang, ke roke lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao, hobane o phethile dipallo tsa hao ka diketso tse fetisang botumo ba hao kaofela.


Ke ntse ke re ho Jehova: O Modimo wa ka. Jehova, o sekehele lentswe la dithapedisiso tsa ka tsebe!


Jehova, ke bitsa ho wena, o phakise ho tla nthusa! o sekehele lentswe la ka tsebe, ha ke bitsa ho wena!


Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!


Ke otlollela matsoho a ka ho wena, moya wa ka o nyoretswe wena, jwaloka hoja ke mobu o omileng. (Sela.)


Empa nna, ka mohau wa hao o moholo, ke kena ka tlung ya hao, ke kgumama ka tshabo tempeleng ya hao e kgethehileng.


hobane mohau wa hao o fetisa bophelo ka monate. Melomo ya ka e a o rorisa. Ke ka mokgwa o jwalo ke tlang ho o rorisa, ha ke ntse ke phela, ke be ke emisetse matsoho a ka ho wena ka lebitso la hao.


Tsoha, o dumadume ka bosiu, qalong ya tebelo; o tsholle pelo ya hao jwaloka metsi pela sefahleho sa Morena! Emisetsa diatla tsa hao ho yena, bakeng sa bophelo ba bana ba banyenyane ba hao ba shwang ke tlala koung tsa mapatlelo wohle.


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


Yaba banna bao ba mathela mahong, ba fumana Daniele a rapela, a sebeletsa Modimo wa hae.


Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ