Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 28:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, ke howeletsa ho wena! Lefika la ka, o se ke wa nthibanela ditsebe; esere mohlomong, ha o ka nkgutsetsa, ka ba jwaloka ba theohelang lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Ke ipiletsa ho wena Morena; Lefika la ka, ntshekehele tsebe, esere ha o sa mmamele, ka ba jwaloka ba theohelang, ba theohelang lebitleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 28:1
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o lopolotse moya wa ka hore ke se theohele lebitleng; bophelo ba ka bo ntse bo thabetse lesedi.


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka; ke rapela Jehova ka lentswe la ka la thapedisiso.


Ke tshela modumaelo wa ka pela hae, ke mo beela tsieleho ya ka.


Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


Modimo wa ka, ke bitsa motshehare, mme ha o arabe; le bosiu, mme ha ke bone phomolo.


Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.)


Binelang Jehova, lona bakgethwa ba hae, le rorise lebitso la hae le halalelang.


Na o ka ruang ka madi a ka le ka ho theohela ha ka lebitleng?


Le wena Jehova, o a bona! O se ke wa kgutsa! Morena, o se ke wa emela hole le nna!


Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela.


Ke tla re ho Modimo, lefika la ka: O ntebalelang? Ke tsamaelang ka dillo tlasa botubo ba sera?


Mamela lentswe la ka le howeletsang ho wena, Morena wa ka le Modimo wa ka! hobane ke rapela wena.


ke se ke ka imelwa ke maqhubu a wona, ke se ke ka hohlometswa ke bodiba, lebitla le se ke la kopetsa molomo wa lona hodima ka.


Lentswe la ka le nyolohela ho Modimo, ke ntse ke howa; lentswe la ka le nyolohela ho Modimo; hola o ka nkutlwa!


Oho Modimo, o se ke wa thola, o se ke wa thibana ditsebe, o se ke wa dula o ikgutseditse, Modimo.


re ba metse jwaloka nqalo ya bafu, ba sa utlwa; kaofela ha bona ba be jwaloka bao ba hohlomelang mokoting;


Le tshepe Jehova kamehla yohle, hobane Jehova, Jehova, ke lefika la kamehla yohle.


Hobane nqalo ya bafu e ke ke ya o boka, lefu le ke ke la o rorisa; batho ba theohelang lebitleng ha ba sa tshepa botshepehi ba hao.


La e akgela sekoting, la e kwalla teng, mme la tiisa hodima sona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, dilemo tse sekete di eso ho phethehe. Kamora tseo, e ka kgona e lokollelwe motsotso o se mokae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ