Dipesaleme 27:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Mme jwale, hlooho ya ka e tla okamela dira tse ntikileng, ke tla hlahisa mahlabelo a thabo tenteng ya hae, ke roke, ke rorise Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE6 Jwale ke tla phahamela dira tsa ka tse ntikileng, ke tla etsa mohoo wa thabo ha ke nyehela, ha ke nyehela ka mahlabelo ka tenteng ya hae, ke bine, ke roke Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho holehuwa ha Jojakine, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome le metso e mmedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng la kgwedi, Evile-Merodake, morena wa Babilona, a ntsha Jojakine, morena wa Juda, teronkong, e le ka selemo seo a qalang ho busa ka sona.
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.