Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 27:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane o tla mpata tabernakeleng ya hae ka matsatsi a mabe, a nkamohele tshirelong ya tente ya hae, a mphahamise hodima lefika.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa, a ntshireletse motlotlwaneng wa hae, a mpate motsheo ho tente ya hae, a ntlhwesetse hodima lefika la pholoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 27:5
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A patwa ho bona ka dilemo tse tsheletseng, ka tlung ya Modimo. Mme Athalia a nna a busa lefatsheng.


Jehova, o emelang kathoko, o ipatelang mehleng ya matswalo?


O setshabelo sa ka le thebe ya ka; ke lebeletse pallo ya hao.


Leha ke tsamaya hara matswalo, o tla mphedisa, o tla qobisa bohale ba dira tsa ka ka letsoho la hao, letsoho le letona la hao le mpholose.


O entse maoto a ka a kang a kgama e tshehadi, o mpeile diphahameng tsa ka.


o ba sirela moriting wa sefahleho sa hao hole le merero ya batho; o ba boloka tenteng ya hao hole le ditshebo tsa leleme.


Ho roriswe Jehova, hobane o bonahaditse molemo wa hae ho nna, ka ho mpea motseng wa diqhobosheane.


a nnyolla sekoting sa tshenyeho le tebetebeng ya diretse, a bea leoto la ka lefikeng, a tiisa mehato ya ka.


Molomong wa ka a bea sefela se setjha, dithoko tsa Modimo wa rona. Ba bangata ba tla bona hoo, ba tshabe, mme ba tshepe Jehova.


Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.


Ke howeletsa ho wena ka pelo e tepeletseng, ke le pheletsong ya lefatshe. O nnyolosetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa!


Hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla ya ka pela sera.


Ka letsatsi la ka la matswalo ke batla Morena, ka bosiu matsoho a ka a otlolohile, a sa kgathale; moya wa ka o hana tshediso.


ba rera setjhaba sa hao ka ho se lohela mano, ba botsana hodima ba sirelwang ke wena.


Ya dutseng sephiring sa Mookamedi ya phahameng, o phomola moriting wa Ya matla wohle.


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


Jehova, ba tadimile ho wena matswalong a bona, ba tsholotse merapelo ya bona, mohla ba utlwang dikotlo tsa hao.


Eya setjhaba sa ka, kena kamoreng ya hao, o kwale monyako kamora hao! O ipate ho se hokae, ho fihlela kgalefo e feta.


E mong le e mong wa bona o tla ba jwaloka tshireletso ha moya o foka, jwaloka lehaha ha sefefo se etla, jwaloka molatswana wa metsi naheng e omileng, le jwaloka moriti wa lefika le phahameng naheng e nyorilweng.


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.


Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ