Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 27:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Leha lekgotla la dira le ka tla ho lalla pela ka, pelo ya ka e ke ke ya tshoha; leha ntwa e ka mphutuhela, le teng ke sa tletse tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Leha nka dikanelwa ke mara, nke ke ka tshoha letho; esita leha nka futuhelwa, le teng ke tla nne ke be le tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 27:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re: Mamelang, lona, Bajuda bohle, le lona, baahi ba Jerusalema, le wena, morena Josafate! Ho itswe ke Jehova: Se tshabeng, mme le se ke la tepeletswa ke sera se seholohadi seno, hobane ntwa hase ya lona, ke ya Modimo.


Borapedi ba hao na hase tshepo ya hao na? Na ha o itshepise ka ho hloka molato bophelong ba hao na?


A ke ke a tshoha ke pehi e mpe, pelo ya hae e tiile, e itshepisa ka Jehova.


Ha ke tshohe dikete tsa batho ba ntikileng ho ntwantsha.


Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.


Ba lokileng ba tla bona hoo, ba tshabe; ba tla tsheha ka yena, ba re:


le hona le sa tshohe leha e le tabeng e le nngwe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontsho ya tshenyeho, empa ho lona ke ya poloko; mme hoo ho tswa ho Modimo.


Empa esita leha le ka utlwiswa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tshabeng ditshokelo tsa bona, mme le se ke la tshoha;


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Ntwa ya boela ya tsoha; Davida a futuha, a lwana le Bafilesta, a ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba ba baleha pela hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ