Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 27:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 O se ke wa nneela thatong ya ba ntwantshang! Hobane dipaki tsa leshano di mphahametse, di befile ka ho ntsohela matla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Se tlohele dira tsa ka ho etsa borata ka nna, hobane paki tsa bohata di eme lepaketla di a nqosa, di bile di a ntshokela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 27:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, o se ke wa fa e mobe kamoo a lakatsang kateng; o se ke wa netafatsa morero wa hae, esere a ithorise hampe. (Sela.)


O tadime bongata ba dira tsa ka, le hloyo e mpe eo ba ntlhoileng ka yona.


mme ha o a ka wa nneela matsohong a bao e leng dira ho nna, empa wa phetlela maoto a ka sebaka se phatlaletseng.


Dipaki tsa leshano di ntsohella ho mpotsisisa seo ke sa se tsebeng.


Ba se ke ba re dipelong tsa bona: Hantle, ke kamoo re ratileng kateng; ba se ke ba re: Re mo kwentse!


Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.


Pontsho ho nna ya hobane o a nthata, ke hoba ha o lese eo e leng sera ho nna hore a ithoke ka nna.


Jehova o tla mo lwela! Ka letsatsi le lebe, Jehova o tla mo sireletsa, a mo phedise; e tla ba motho ya lehlohonolo lefatsheng. O ke ke wa mo neela thatong ya bao e leng dira ho yena.


Masinagogeng wohle hangata ka ba tsohela matla, ka ba otla, ka ba qophella hore ba nyefole; mme kahobane ke ne ke ba halefetse haholoholo, ka ba hlorisa le ho isa metseng ya ditjhaba.


Empa Saule o ne a sa ntse a befetswe ho sokela le ho bolaya barutuwa ba Morena; a ya ho moprista e moholo,


Ekare ha paki ya leshano e ema ho qosa motho ka taba ya molato,


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ