Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 27:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jehova, o mpontshe tsela ya hao, o ntsamaise tseleng e lokileng, ka baka la bao e leng dira ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Mpontshe tsela ya hao Morena, o ntsamaise mmileng o bataletseng, ka baka la ba ntaletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 27:11
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke o batla ka pelo ya ka yohle; o etse hore ke se ke ka kgeloha ditaelo tsa hao.


o nteke, o tsebe mehopolo ya ka, o tadime hoba a tsela ya bokgopo e teng ho nna na, mme o ntsamaise tseleng e isang bophelong bo sa feleng.


Na motho ke ofe ya tshabang Jehova? Jehova o tla mmontsha tsela eo a tshwanetseng ho ikgethela yona.


Jehova o molemo, o lokile; ke ka baka leo a bontshang baetsadibe tsela, a tsamaisang ho lokeng ba bonolo pelong, a ba rutang tsela ya hae.


Leoto la ka le tiya tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova diphuthehong.


Jehova, ntsamaise ho lokeng ha hao, ka baka la ba ntwantshang; o lokise tsela ya hao pela ka. Hobane ha ho nnete melomong ya bona, ke thato ya ho senya feela;


lehano la bona ke lebitla le ahlamileng, ba qeka ka leleme la bona.


O tla dihela hodima bao e leng dira ho nna bolotsana ba bona. O ke o ba qete, botshepehing ba hao!


Ba qapa tsa bolotsana, ba re: Re itokisitse, mano a lohilwe! Ba pata mehopolo ya dipelo tsa bona.


Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao!


Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng.


Tsohle ke tse utlwahalang ho motho ya nang le kelello, di lokile ho ya fumaneng tsebo.


Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.


Hobane ke utlwile diketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tshabeha ka nqa tsohle. Ba re: Mo qoseng, re tle re mo qose. Bohle ba neng ba na le kgotso le nna, ba eme lehlakoreng la ka, ba re: Ekaba a ka thetswa, re ka mo hlola, re tle re iphetetse ho yena.


Yaba ba mo ela hloko, ba roma dihlwela, tsa iketsa batho ba lokileng, hore di tle di mo tshwase dipolelong tsa hae, hore ba mo neele matleng le matsohong a mmusisi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ