Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 26:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jehova, ke rata leaho la ntlo ya hao, le nqalo moo kganya ya hao e leng teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Morena, ke rata ntlo eo o ahileng ho yona, e leng sebaka seo tlotla ya hao e dulang ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 26:8
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a ntoo re ho Tsadoke: Busetsa areka ya Modimo motseng; ha nka bona mohau ho Jehova, o tla nkgutlisa, a boele a mpontshe yona le tulo tsa yona.


Hape, ka baka la ho rata ntlo ya Modimo wa ka, kgauta le silefera tseo e leng tsa ka ka sebele, ke di ntshetsa ntlo ya Modimo wa ka, kantle ho tsohle tseo ke li lokiseditseng ntlo ya sehalalelo,


baprista ba ba ba sitwa le ho ema tshebetsong ya bona ka baka la leru; hobane ntlo ya Modimo e ne e tletse kganya ya Jehova.


Salomone eitse hobane a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa tjhesa setjheso le mahlabelo; ntlo ya tlala kganya ya Jehova;


baprista ba ba ba sitwa ho kena tlung ya Jehova, hobane ntlo ya Jehova e ne e tletse kganya ya Jehova.


Bakeng sa ntlo ya Jehova, Modimo wa rona, ke tla o batlela molemo.


Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.


Hobane tsatsi le le leng le dulwang mabaleng a ntlo ya hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a dulwang hosele. Ho dula mathuleng a ntlo ya Modimo wa ka ke a ho rata ho fetisa ho dula ditenteng tsa bakgopo.


Jehova o rata ho mpoloka; ka baka leo, re tla tidinya dikgole tsa diharepa tsa rona ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, ka tlung ya Jehova.


Esekiase o ne a itse: Pontsho ke efe eo ke tla tseba ka yona hoba ke sa tla nyolohela ka tlung ya Jehova?


Yaba moya o a nkuka, mme ka utlwa modumo wa serwakgametsa kamora ka, ha thwe: Kganya ya Jehova e ke e bokwe bodulong ba hae!


Kamora matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a dutse hara baruti, a ba mamela, a ba botsa.


A re ho bona: Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hoba ke tshwanetse ho ba teng ditabeng tsa Ntate na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ