12 Leoto la ka le tiya tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova diphuthehong.
12 Maoto a ka a eme motsitseng; Morena, ke tla o boka diphuthehong.
A ba ke ba mo phahamise phuthehong ya setjhaba, mme ba mo roke mokgatlong wa ba baholo.
Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.
Ke moo ho nyolohelang meloko, meloko ya Jehova, ka taelo e neilweng Iseraele, ho roka lebitso la Jehova.
ke ntse ke kgeleketsa lentswe la diteboho le ho bolela mehlolo ya hao kaofela.
Jehova, o mpontshe tsela ya hao, o ntsamaise tseleng e lokileng, ka baka la bao e leng dira ho nna.
a nnyolla sekoting sa tshenyeho le tebetebeng ya diretse, a bea leoto la ka lefikeng, a tiisa mehato ya ka.
Moo, ke Benjamine e monyenyane, mmusi wa bona; ke mahosana a Juda le makgotla a hae; ke mahosana a Sabulone, le mahosana a Nefthali.
Ya tsamayang ka ho loka o tsamaya ka kgotso; empa ya kgopamisang metsamao ya hae o a tsebahala.
ha a re: Ke tla bolella banabeso lebitso la hao, ke o binele difela hara phutheho.
O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.