Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 26:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Nkahlolele, Jehova! hobane ke phela ka toka ya ka; ke itshepetse Jehova, ha ke sisinyehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Nkahlolele Morena; metsamao ya ka ha e na kodi, ke a o tshepa, ha ke thekesele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 26:1
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela.


Borapedi ba hao na hase tshepo ya hao na? Na ha o itshepise ka ho hloka molato bophelong ba hao na?


A ke ke a leseletsa leoto la hao ho kgothometseha; molebedi wa hao a ke ke a otsela.


Ke ya phelang ka bokgabane, a etsa ho lokileng, a bolela nnete kamoo e leng pelong ya hae kateng.


Hobane morena o itshepetse Jehova; ka kgauhelo ya Mookamedi ya phahameng, a ke ke a sisinyeha.


Modimo wa ka, ke beile tshepo ya ka ho wena; oho, ke se ke ka swaba! bao e leng dira ho nna ba tle ba se ke ba thaba ka nna!


Bokgabane le ho loka a di ke di ntiise, hobane ke o tshepile.


Haele nna, ke tla nne ke tsamaye ka toka ya ka; o mpoloke, o nketse ka mohau!


Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.


Empa ke itshepela wena, Jehova; ke re: O Modimo wa ka!


O nkahlolele ka ho loka ha hao, Jehova, Modimo wa ka, ba se ke ba thaba ka nna!


pelong ya hae o na le molao wa Modimo wa hae, maoto a hae a ke ke a thella.


Hlahisang mahlabelo a ho loka, le itshepele Jehova.


Oho Modimo, o nkahlolele, o nkemele ho setjhaba se se nang mohau! O mpoloke ho motho ya leshano, ya kgopo.


Oho Modimo, o mpoloke ka lebitso la hao, o nkemele ka matla a hao!


Ruri, ke wona lefika la ka le thuso ya ka, qhobosheane ya ka e phahameng; nke ke ka sisinyeha.


Ke lefika la ka ruri le thuso ya ka; ke qhobosheane ya ka: nke ke ka sisinyeha.


Jehova o ahlola ditjhaba. Jehova, o ntokisetse! Nke ke etswe ka ho loka ha ka le ka bokgabane ba ka.


Eitse ha ke ne ke re: Leoto la ka le a thella, mohau wa hao, Jehova, o tlile ho ntshehetsa.


Ha motho a lokile, mme a tsamaya ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!


Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


A re tiiseng kano ya tumelo ya rona, re se na ho sisinyeha; hobane ya re tshepisitseng o a tshepeha.


lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.


Ha ho le jwalo, banabeso, le mpe le tiye matla ke hona ho tiisa ho bitswa le ho kgethwa ha lona; hobane ha le ka etsa jwalo ke moo le ke keng la kgoptjwa le ka mohla o le mong.


O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.


Jehova a kgethe, a ahlole mahareng a ka le wena, a bone, mme a nkemele nyeweng ya ka, mme a nnamolele matsohong a hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ